TSEBISO YA MMUSO
LEFAPHA LA DITABA TSA METSI LE MERU
NO. R... 2006
MOLAO WA NAHA WA METSI, 1998
MORALO WA MELAWANA YA TSHEBEDISO YA METSI BAKENG SA MERERO YA BOIKGATHOLLO KA KAKARETSO MABAPI LE TSHEBETSO TSA METSI TSA MMUSO LE MOBU OO E LENG WA MMUSO
Letona la Ditaba tsa Metsi le Meru, tlasa matla ao le fuweng ona ke dikarolo tsa 26 (a) le (g), le karolo ya 116 e balwa mmoho le karolo ya 21(k) ya Molao wa Naha wa Metsi, 1998 (Molao wa Nomoro ya 36 wa 1998), le rata ho beha Melawana Shejulung.
LEFAPHA LA DITABA TSA METSI LE MERU
Mohla:
Ditlhaloso
Melawaneng ena, lentswe kapa polelo efe kapa efe e fuweng moelelo Molaong e tla ba le moelelo oo, ntle le haebe moelelo o supa ka tsela e nngwe e fapaneng -
tshebediso ya kgwebo ya metsi a boikgathollo? e bolela tshebediso ya metsi a boikgathollo bakeng sa ho fumana tjhelete, ho kenyelletswa le diketsahalo le diketso tse hlophisitsweng tsa dipapadi;
tshebediso ya metsi a boikgathollo e nang le sekgahla se hodimo? e bolela tshebediso ya metsi a boikgathollo e nang le sekgahla kapa e ka bang le sekgahla se kotsi hodima mohlodi wa metsi kapa tshebediso tse ding tsa metsi tsa mohlodi oo wa metsi;
no wake speed? e bolela lebelo leo vesele e bopang mokgwa o monyenyane wa ho hlatswa kapa ho se na ho hlatswa ho hang;
morero wa tshebetso? o bolela morero o ngotsweng, o fanang ka tlhahisoleseding e batsi ya mokgwa, sepheo le bonamo ba tshebetso ya sekgahla se hodimo kapa tshebediso ya kgwebo ya metsi a boikgathollo, e ananetsweng ke Letona;
tshebediso ya metsi a boikgathollo? e bolela tshebediso ya metsi bakeng sa merero ya boikgathollo mme e kenyelletsa le diketsahalo tsohle tse hlokang tshebediso ya metsi, ho kenyelletswa le bokahodimo ba metsi, bakeng sa?
a morero wa dipapadi, bohahlaudi kapa boithabiso feela;
b tshebediso e etswang ke motho ka seqo sa hae kapa ya kgwebo ya metsi a boikgathollo; kapa c diketsahalo tse kenyang letsoho bophelong ka kakaretso, boiketlong le ntshetsong pele ya bokgoni ba motho le setjhaba;
bolaodi bo tshwanetseng? bo bolela bolaodi kapa motho ya nang le matla hodima ntho kapa taolo ya tshebediso ya mokgwa wa boikgathollo kapa bohahlaudi ba mohlodi o tshwanetseng wa metsi kapa karolo e tshwanetseng ya mohlodi wa metsi;
toka ya bathahaselli? e na le moelelo matlafatso e batsi ya ba batsho moruong jwalo ka ha e hlalositswe Molaong wa Matlafatso e Batsi ya Ba Batsho Moruong, 2003 (Molao wa No. 53 wa 2003);
vesele? e kenyelletsa ntho efe kapa efe e ka kgonang ho tsamaya metsing; mme moralo wa taolo ya mohlodi wa metsi? o bolela moralo o ngotsweng, bakeng sa tsamaiso le taolo ya bokahodimo ba metsi le sebopeho sa metsi sa mohlodi wa metsi ho kenyelletswa le bokahodimo ba metsi le sebopeho sa metsi sa tshebetso tsa metsi tsa mmuso le mobu o potapotileng wa mmuso, o ananetsweng ke Letona;
KGAOLO YA 1
Motho ofe kapa ofe ya sebedisang metsi bakeng sa morero wa boikgathollo o lokela ho dumellana le Tsebiso ya Mmuso ya R.1352 e Koranteng ya Mmuso ya No. 20606 e kentsweng mohla wa 12 Pudungwana 1999 ha motho eo a lokela ho ngodisa tshebediso ya metsi ao bakeng sa boikgathollo.
Motho ya nang le phihlelo ya molao ya mohlodi wa metsi a ka sebedisa bokahodimo ba metsi ba mohlodi oo wa metsi bakeng sa tshebediso ya boikgathollo ya metsi-
a ha fela a latela Melawana ya 6 le 12;
b ha tshebediso ya metsi e se na sekgahla se kotsi hodima tshebediso efe kapa efe e nngwe ya metsi;
c ha tshebediso ya metsi e se kotsi kapa e se boemong ba ho ba kotsi bophelong ba le polokehong ya batho kapa mohloding wa metsi;
d ha tshebediso ya metsi e dumellana le morero o sebediswang hape o ananetsweng wa tshebediso ya metsi a boikgathollo ka ho ya ka molawana wa 5 o mabapi le hoo; mme e ka ho ya ka ditlhoko tsa morero ofe kapa ofe o ananetsweng wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi, moo ho tshwanetseng.
KGAOLO YA 2
MEKGWA YA TEMOSO , MERERO YA TAOLO YA TSHEBETSO LE MOHLODI WA METSI
Mekgwa ya Temoso
Motho ya kenang tshebedisong tsa metsi bakeng sa merero ya boikgathollo o lokela ho etsa bonnete ba hore-
a o latela melao yohle e sebetsang e laolang polokeho ya divesele tse nyenyane;
b ho latelwa melawana yohle e sebetsang ya polokeho le ditsebiso tsa semolao, ditemoso, matshwao a sephethephethe sa metsing le matshwao;
c pehelo efe kapa efe ya dibaka bakeng sa merero e ikgethang e ya latelwa;
d mohlodi wa metsi le mokgwatshebetso wa diphedi ecosystem o amanang le hoo ha o angwe ka tsela e kotsi;
e tlhwekiso, kgoholeho kapa sedimentation moo dikotwana tsa majwe le mobu di theohelang tlase lewatle ho ya bopa molallela o thata ya metsi e ya thibelwa;
g dibaka tsa bodulo tsa diphedi tsa metsing ha di sitiswe;
h dikgwerekgwere kapa metsi a nang le tshila a lahlwa ka tsela e molaong; mme i ho fumanwa tlhahisoleseding ho tswa Lefapheng kapa institjhusheneng e tshwanetseng ya tsamaiso ya metsi mabapi le-
i maemo afe kapa afe a kotsi;
iii meralo e tshwanetseng ya tsamaiso ya mohlodi wa metsi; le iv moo ho ka fumanwang dibaka tse hlokolosi hape tse sireleditsweng haebe ha ho na moralo o ananetsweng wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi.
Tshebediso le kananelo ya moralo wa tshebetso wa sekgahla se phahameng le tshebediso ya kgwebo ya metsi a boikgathollo
Motho ya sebetsanang le sekgahla se phahameng kapa tshebediso ya kgwebo ya metsi bakeng sa merero ya boikgathollo o lokela ho etsa kopo ya tumello ya moralo wa tshebetso bakeng sa sekgahla se phahameng kapa tshebediso ya kgwebo ya metsi a boikgathollo matsatsing a 60 ho tloha letsatsing leo a tsebisitsweng ka ho ngollwa ke bolaodi bo ikarabelang mabapi le ho etsa jwalo.
Mokopi ya lokisang moralo wa tshebetso ka ho latela molawana o monyenyane wa 1 o lokela-
a ho fana ka tlhahisoleseding e mabapi le tshebediso ya metsi, difasilithi tse amanang le hoo, mohlodi wa metsi, le tikoloho e amehang;
b ho lekola le ho hlahloba sephetho sa sekgahla sa hae se phahameng kapa tshebediso ya kgwebo ya metsi a boikgathollo hodima-
ii tikoloho; le iii maemo a phedisano le moruo a motho ofe kapa ofe ya ka angwang ka ho toba ke sekgahla se phahameng kapa tshebediso ya kgwebo ya metsi a boikgathollo;
c ho hlalosa mokgwa le bonamo boo ka bona a ileng a rerisana le batho ba amehang ba nang le kgahleho, haholoholo dihlopha tse neng di tingwa menyetla pejana, ka dikahare tsa moralo wa tshebetso;
d bolela lenane lohle la tshebediso tsa metsi tsa ha jwale mme a supe ka moo tshebediso ya metsi e nang le tlhodisano e ka kenyeletswang mohloding wa metsi;
e hlalosa mokgwa le nako eo ka yona a batlang ho fihlela toka ya bathahaselli tshebedisong ya kgwebo ya metsi a boikgathollo a amehang;
i tsebisa basebetsi ba hae, mme haebe e le kgwebo ya bohahlaudi, baeti ba kgwebo ya bohahlaudi, ka dikotsi dife kapa dife tse ka bang teng tsa tikoloho, bophelo le polokeho e leng tse ka bakwang ke mosebetsi wa bona le tshebediso ya metsi a boikgathollo, moo ho tshwanetseng; mme ii a sebetsane le dikotsi tse ka bang teng bakeng sa ho qoba kotsi bophelong bo botle ba batho le tikolohong; mme a g hlalose mokgwa oo a ikemiseditseng ho-
i fetola, lokisa, laola kapa ho kgaoletsa ketso efe kapa efe, ketsahalo kapa tshebetso e ka bang le sephetho se kotsi mohloding wa metsi le tikolohong;
ii laola kapa ho lokisa sesosa sa sephetho sefe kapa sefe se sa lokang mohloding wa metsi le tikolohong;
iii latela ditlwaelo kapa maemo afe kapa afe a amohelehileng a beuweng a dikgwerekgwere kapa ditlwaelo kapa maemo amohelehileng a tsamaiso ya tikoloho; le iv ho sireletsa le ho ntshetsa pele makgabane a botjhaba le setso a mohlodi wa metsi.
Bolaodi bo ikarabelang bo lokela hore, ka potlako ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang, ka mora ho kengwa ha moralo wa tshebetso ke mokopi, bo ele hloko moralo oo bakeng sa ho o ananela; haebe-
a o latela ditlhoko tsa molawana o monyenyane wa 2; mme b mokopi o bontshitse bokgoni, kapa o lokiseditse bokgoni, ba ho kokobetsa le ho laola diphetho tse seng ntle mohloding wa metsi jwalo ka ha ho hlwauwe tlasa molawana o monyenyane wa 2g.
Bolaodi bo ikarabelang bo ka ipiletsa bakeng sa tlhahisoleseding e nngwe hape ho tswa mothong ya ikamahanyang le tshebediso ya metsi bakeng sa merero ya boikgathollo e lohothwang molawaneng o monyenyane wa 2 mme bo ka laela hore moralo wa tshebetso oo ho buuwang ka ona o fetolwe ka tsela eo bolaodi bo ikarabelang bo ka bonang ho hlokeha.
Ka mora kananelo ya moralo wa tshebetso ke bolaodi bo ikarabelang, motho ya ikamahanyang le tshebediso ya metsi bakeng sa merero ya boikgathollo o lokela ho dumellana le dipehelo tsa moralo o ananetsweng wa tshebetso.
Ho ngolwa le ho laolwa ha moralo wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi
Moralo wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi o lokela ho ngolwa ke bolaodi bo tshwanetseng mme o romelwe ho bolaodi bo ikarabelang ho ya ananelwa bakeng sa tshebediso ya metsi a boikgathollo a mohlodi wa metsi, ho kenyelletswa le bokahodimo ba metsi ba tshebetso ya metsi ya mmuso, matsatsing a 180 ho tloha mohlang oo bolaodi bo tshwanetseng bo tsebisitsweng ke bolaodi bo ikarabelang ho etsa jwalo.
Moralo wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi, o lohothwang molawaneng o monyenyane wa 1 o lokela ho ngolwa ka ho latela Ditataiso tsa Lefapha tsa Moralo o nang le Nyalano wa Mohlodi wa Metsi wa ho Sebedisa Metsi bakeng sa Merero ya Boikgathollo, wa mohla la 20 Phato 2005.
Bolaodi bo ikarabelang bo lokela hore, pele bo dumella morero wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi tlasa Melawana ena -
a bo phatlalatse tsebiso e tshwanetseng dikoranteng le diphatlalatsing tse ding tsa ditaba mme bo nke mehato efe kapa efe e meng ho etsa hore morero ona o elwe hloko ke batho ba nang le tjheseho-
i ka ho hloma moralo wa morero wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi; le ii ho mema ditshwaelo tse ngotsweng fatshe tse lokelwang ho romelwa mabapi le morero o sisingwang matsatsing a 60 ka mora phatlalatso ya tsebiso; mme b bo ele hloko ditshwaelo tsohle tse fumanweng.
Ka mora ho latela molawana o monyenyane wa 3, Letona le ka-
a fetola moralo wa morero wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi; mme b ka ho ya ka molawana o monyenyane wa 3, la phatlalatsa morero wa makgaola-kgang wa morero wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi dikoranteng le diphatlalatsing tse ding tsa ditaba dibakeng tse haufi le mohlodi o amehang wa metsi.
Poloko ya direkoto le ho utullwa ha tlhahisoleseding
Motho ofe kapa ofe ya sebedisang metsi bakeng sa merero ya boikgathollo a ka kotjwa hore a boloke direkoto tsa dintlha tse amanang le tshebediso ya metsi mme a fane ka tlhahisoleseding bolaoding bo ikarabelang.
KGAOLO YA 3
PHIHLELO LE HO SEBEDISA KA BOIKGATHOLLO TSHEBETSO TSA METSI TSA MMUSO
Phihlelo ya tshebetso ya metsi a mmuso mmoho le tshebediso ya tshebetso ya metsi ya mmuso bakeng sa merero ya boikgathollo
Ha ho motho eo ntle le tumello e ngotsweng fatshe pele ya Letona a ka fihlelang karolo efe kapa efe ya tshebetso ya metsi ya mmuso moo ntlha e dumelletsweng ya phihlelo e seng teng.
Letona le ka dumella kapa la hanela motho ofe kapa ofe phihlelo ya karolo efe kapa efe ya tshebetso ya metsi ya mmuso mme le ka thibela-
a tsamaiso ya boithabiso bofe kapa bofe ba setjhaba;
b pokello efe kapa efe ya tjhelete ho tswa setjhabeng; kapa c tsamaiso ya ketso efe kapa efe ya kgwebo ntle le tumello e ngotsweng fatshe pele;
d ketsahalo efe kapa efe e nngwe eo Letona, tlasa mabaka a utlwahalang, le elang bonang ho hlokeha mme e tshwanetse bakeng sa ho etsa bonnete ba hore ho latelwa Molao le Melawana ena.
Motho ofe kapa ofe ya sebedisang tshebetso efe kapa efe ya metsi ya mmuso mmoho le mobu o potapotileng wa mmuso o entsweng hore o fumanehe ke Letona bakeng sa merero ya tshebediso ya metsi a boikgathollo o lokela ho latela dipehelo tsohle tse akaretsang le tse ikgethang tsa tshebediso, tse beilweng ke Letona ka ho di ngola fatshe le ho di phatlalatsa, tsa tshebetso e itseng ya metsi ya mmuso le mobu o potapotileng wa mmuso ho kenyelletswa le -
a polokeho ya setjhaba tshebetsong tsa metsi tsa mmuso;
b phihlelo ya tshebetso tsa metsi tsa mmuso le mobu o potapotileng wa mmuso;
c tshebediso ya tshebetso tsa metsi tsa mmuso le mobu o potapotileng wa mmuso le boitshwaro ba batho dibakeng tseo;
d dikgaoletso tsa lebelo la metsi le mobu tse sebetsang tshebetsong tsa metsi tsa mmuso le mobu o potapotileng wa mmuso;
e ho bolokwa ha dibaka tse itseng bakeng sa ho sebedisetswa merero e ikgethang;
f dikgwerekgwere le bophelo bo botle ba setjhaba;
g dinako tseo ka tsona tshebetso tsa metsi tsa mmuso le mobu o potapotileng wa mmuso di tla bulelwa setjhaba h ditefiso tse utlwahalang tse leshwang bakeng sa phihlelo kapa bakeng sa tshebediso ya disebediswa kapa difasilithi tse ding tseo ho fanwang ka tsona tshebetsong tsa metsi tsa mmuso le mobung o potapotileng wa mmuso; le i diketsahalo tsa boikgathollo tse theilweng metsing.
Mekgwa ya temoso bakeng sa tshebetso ya metsi ya mmuso
Phihlelo le tshebediso ya karolo efe kapa efe ya tshebetso ya metsi ya mmuso, ntle le ka dintlha tsa phihlelo tse dumelletsweng, e thibetswe ha e se na tumello e ngotsweng fatshe pele ya Letona.
Tsamaiso ya ketsahalo efe kapa efe ya tshebediso ya kgwebo ya metsi a boikgathollo ha ya dumellwa ka hara karolo efe kapa efe ya tshebetso tsa metsi tsa mmuso ntle le ha e na le tumello e ngotsweng fatshe pele ya Letona.
Nqeng eo tshebetso ya metsi ya mmuso e se nang tumello ya morero wa tsamaiso ya mohlodi wa metsi-
a ha ho na difasilithi kapa dibopeho tsa boikgathollo tse ka hlongwang ho potoloha mobu wa mmuso ntle le tumello e ngotsweng fatshe pele ya Letona kapa bolaodi bofe kapa bofe bo bong bo tshwanetseng;
b ha ho na tshebediso ya metsi a boikgathollo a kenyelletsang tshebediso ya divesele tsa merero ya borobalo ba bosiu e ka etsahalang ntle le tumello e ngotsweng fatshe pele ya Letona;
c ha ho na diketsahalo tsa boikgathollo tse ka bang teng metsing kapa bokahodimong ba metsi a tshebetso ya metsi ya mmuso haebe mothamo wa metsi o ho dipersente tse 20 kapa ka tlase ho tsona;
d ha ho na diketsahalo tsa boikgathollo tse ka bang teng ka hara sebaka sa tshireletso kapa sa polokeho se sehetsweng lebota la letamo le mesebetsi ya sebaka kapa tsela ya ho qhala metsi ntle le tumello e ngotsweng fatshe pele ya Letona; mme e ke feela divesele tse tsamayang ka no wake speed tse dumelletsweng ka hara no wake zone.
KGAOLO YA 4
DITLOLO TSA MOLAO LE DIPEHELO KA KAKARETSO
Ditlolo tsa molao
Motho ofe kapa ofe ya tlolang kapa ya hlolehang ho latela dipehelo dife kapa dife tsa Melawana ena o tla fumanwa a le molato wa tlolo ya molao mme a ka fuwa kotlo ya faene kapa ho kwallwa tjhankaneng nako ke keng ya feta dilemo tse hlano.
Sehlooho
Melawana ena e ka bitswa Melawana ya Tshebediso ya Metsi bakeng sa Merero ya Boikgathollo.
Leqephe la 8
